Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:16
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esau a re: Ke se ke na le tse ngata, ngwaneso; tsa hao e be tsa hao!


Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.


Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.


A re: Leha ba ka tla ka tsa kgotso, ba tshwareng ba sa utlwa; ha ba tla ka tsa ntwa, le teng le ba tshware ba sa utlwa.


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.


Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


sesefa bobe, o etse botle; batla kgotso, o e latelle.


Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.


Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.


Motho ya bohale o etsa tsa bowatla, mme ya ditaba tse lonya o a hlouwa.


Mmila wa ba lokileng ke ho nena bobe, ya elang metsamao ya hae hloko o boloka moya wa hae.


Makgopo a phekolwa ke mohau le nnete, mme ke ka ho tshaba Jehova batho ba phemang bobe.


Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.


Ho lehlohonolo motho ya letswalo kamehla! Ya ithatafatsang pelo o tla wela bobeng.


Motho ya bohlale ha a tseka le lehlanya, a ke ke a bona kgotso, leha a halefa, leha a tsheha.


O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.


Yaba mohlankana eo o mo latela ka bonolo jwaloka kgomo e buswang lekaba, leha e le kgama e tlolelang lemeneng, mme e hlajwa sebete ka teng ke lerumo;


Qalo ya mantswe a molomo wa lona ke bothoto, mme qetello ya puo tsa lona ke bohlanya bo senyang.


Esele ha e bona lengeloi la Jehova, ya botha tlasa Balaame; mme bohale ba Balaame ba tuka, a otla esele ka thupa ya hae.


Bafarisi ba bang ba nang le yena, yare ha ba utlwa taba tseo, ba re ho yena: Na le rona re difofu na? Jesu a re ho bona:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ