Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Kamehla ya se nang tsebo ke tumelakgweela, empa ya bohlale eka kgona a ikgodise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho mohlankana ya mmehelang tseo: O tseba jwang hoba Saule le mora hae Jonathane ba timetse na?


Bathe-Sheba a re: Ke hantle, ke tla o buella ho morena.


Ba nthomela taba eo e le nngwe makgetlo a mane, mme le nna ka nna ka ba romela karabo e le nngwe.


Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae.


Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.


Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.


Motho e mobe o theeletsa melomo e kgopo tsebe; leleme le sebang le mamelwa ke ya leshano.


Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.


Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; mawatla a feta feela, mme a hlahelwa ke tsietsi.


O iqamakele ho hata ha maoto a hao hantle, tsela tsa hao tsohle di tle di loke.


Ka baka leo, mehleng ena ya bohlale o a ikgutsetsa, hobane ke mehla e mebe.


O ne a na le mmusisi Sergiuse Pauluse, monna ya hlalefileng. Eo a bitsa Barnabase le Saule, a lakatsa ho utlwa lentswe la Modimo.


hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;


Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ