Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Motho ya kgopo o ahlolelwa melato ya hae, ya lokileng yena o putsetswa diketso tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:14
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena!


Ka tsa molomo wa hae motho o tla kgora molemo; mme motho o tla putswa ka seo matsoho a hae a se sebetsang.


Ya lokileng a ke ke a tlelwa ke tsietsi; empa ba babe ba tla atelwa ke mahlomola.


Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.


Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.


Mpa ya motho e kgora ditholwana tsa leleme la hae, motho o kgodiswa ke tse hlahiswang ke molomo wa hae.


Ha o hlalefile, ke wena o tla thuswa ke hlalefo ya hao; empa ha o le mosomi, ke wena o nnotshi o tla senyehelwa.


Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Setjhaba sena sa Jerusalema se kwenehile keng ka kweneho e sa bakelweng? Ba itiisetsa manong keng? Ba hanelang ho sokoloha?


Ha ho le jwalo, ke se ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke be ke ba timeletse ka mollo wa bohale ba ka, ke bee molato wa metsamao ya bona hloohong tsa bona: ho rialo Morena Jehova.


Hobane Iseraele o a ikgantsha, o tshwana le sethole se sa thapeng. Jwale, Jehova o tla ba fudisa, ba be jwaloka konyana feelleng.


le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ya hae, mme ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.


Ya jallang nama ya hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ya jallang Moya, o tla kotula Moyeng bophelo bo sa feleng.


Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ