Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Leruo la motho le ka lopolla bophelo ba hae; empa mofutsana yena a ke ke a qalwa ke dira.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Bophelo ba motho bo ka lopollwa ka maruo a hae, mofumanehi yena ha a ke a sokelwa ke motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:8
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.


Leha ho le jwalo, molaodi wa bahlabani ba morena a siya mafutsana a lefatshe, hore a leme masimo a merara le masimo a mang.


Satane a araba Jehova, a re: Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka di ntshetsa bophelo ba hae.


Ha a lefiswa, a lefelle bophelo ba hae kahohle kamoo a ka lefiswang kateng.


O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.


Lesedi la ba lokileng ke thabo; empa lebone la ba babe le a tima.


Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.


A ke ke a amohela tefo, bohale ba hae o ke ke wa ba wa bo tima, leha o ka mo thoothella dimpho tse ngata.


Empa haele mafutsana a setjhaba, a se nang eng le eng, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a a tlohela lefatsheng la Juda, a ba a a nea masimo a merara le masimo a lengwang.


Empa batho ba leshome ba eba teng ho bona, ba bolella Ishmaele, ba re: O se ke wa re bolaya, hobane re na le moo re patileng koro naheng, le harese, le ole, le dinotshi. Yaba o a ba lesela, mme ha ba ka ba eshwa le ba habo bona.


Ke tla siya kahare ho wena setjhaba se kokobetseng, se fokolang, mme ba tla tshepa lebitso la Jehova.


Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?


Bophelo bo fetisa dijo, le mmele o fetisa diaparo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ