Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.


Ya nyediswang, a mpang a itshebeletsa, o fetisa ya ikakasang a se na bohobe.


Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.


Leruo la motho le ka lopolla bophelo ba hae; empa mofutsana yena a ke ke a qalwa ke dira.


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Ya ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Modimo, o jwalo.


Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.


Le se le kgotshe, le se le enne, le se le busitse kantle ho rona; hoja le ka fela la busa, le rona re tle re buse hammoho le lona!


Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.


jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


ba ba tshepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlolwang ke sona, o fetoha mofo wa sona le hona.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, leha o mpa o le morui; ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.


Erekaha o re: Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho; athe ha o tsebe hobane o soto, o madimabe, o mofutsana, o sefofu, o feela;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ