Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a re: Ha a ka tsamaya jwaloka motho ya kgabane, ha ho qoba le e nngwe ya moriri wa hae e tla wela fatshe; empa ha ho ka fumanwa molato ho yena, o tla shwa.


Mme taba eo ya fetohela ntlo ya Jeroboame sebe, se e fedisang, se e timetsang lefatsheng.


A hlabela medimo ya Damaseka e mo qhadileng, a re: Erekaha medimo ya marena a Siria e a thusitse, ke tla e hlabela, hore le nna e tle e nthuse. Athe e a mo dihela fatshe, yena le Iseraele kaofela.


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.


Ke ya phelang ka bokgabane, a etsa ho lokileng, a bolela nnete kamoo e leng pelong ya hae kateng.


Bokgabane le ho loka a di ke di ntiise, hobane ke o tshepile.


Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe.


Tsela ya Jehova ke qhobosheane ho ya kgabane, empa ho ba kgopo ke tshenyeho.


Ba pelo di kgopo ke manyala ho Jehova; empa ba metsamao e bokgabane, o kgahlwa ke bona.


Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.


Ya kgabane o lemoha ntlo ya e mobe; Jehova o senya ba babe ka baka la diketso tsa bona tse mpe.


Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ