Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Motho ya lokileng o a ja, a kgore hantle; haele dimpa tsa ba babe, di tla lapa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ya lokileng o a ja, a ikgotsofatse, empa ya kgopo yena o ngongorehela dijo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:25
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O kgorisa molomo wa hao ka tse molemo, mme botjha ba hao bo ntjhafala jwaloka ntsu.


Ke tla e fa nala, ba lesitsi ba yona ke ba kgorise bohobe.


Ditawana di ka hloka, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ha ba haellwe ke molemo leha o le mong.


Se senyenyane se ruilweng ke ya lokileng se fetisa nala ya ba babe ba bangata;


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


Jehova a ke ke a tlohella motho ya lokileng tlala; empa tse labalabelwang ke e mobe, o mo hlakola tsona.


Bofuma le dihlong ke tsa ya hanang ho lauwa; empa ya amohelang kgalemelo o tla hlomphuwa.


mme bofuma bo tla o fihlela jwaloka senokwane, tlala e o hlahele jwaloka motho ya o hlomeletseng.


Ruri, bofuma bo tla o fihlela jwaloka senokwane, tlala e o hlahele jwaloka motho ya o hlomeletseng.


Eitse hobane a qete tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo; mme a qala ho hloka.


o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.


Ba tla qetwa ke tlala, ba jewe ke mofuthu wa febere, le ke tshenyo e babang; ke tla ba romela meno a dibatana le mahloko a dinoha tse hahabang leroleng.


Hobane enere ha re sa le ha heno, re kile ra le laela, ra re: Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.


Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ