Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Moromuwa e mobe o kudisa batho; empa moromuwa ya tshepehang o a fodisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Leqosa le kgopo le welwa ke ditsietsi, moromuwa ya tshepahalang o tlisa tse molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho ya botswa ho ba mo romang ke asene menong le mosi mahlong.


Bofuma le dihlong ke tsa ya hanang ho lauwa; empa ya amohelang kgalemelo o tla hlomphuwa.


Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo.


Moya wa leboya o hlahisa pula, mme leleme le sebang le hlahisa sefahleho se halefileng.


Ya romelang ditaba ka lehlanya o ikgaola maoto, o inwella tshenyo.


Moporofeta ya nang le toro a ke a bolele toro, ya nang le lentswe la ka a ke a bolele lentswe la ka ka nnete. Mooko o etsang hara koro, ho bolela Jehova?


Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.


Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.


Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang.


Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.


Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!


Ke boka Morena wa rona Jesu Kreste, ya ntiisitseng, kahobane o lekantse hoba ke tshepehile, ha a mpea mohlanka wa hae:


Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ