Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Motho ya masene o etsa tsohle ka tsebo; empa ya lewatla o tsebahatsa bowatla ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Motho ya bohlale o sebetsa ka kelello, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:16
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo ya fanang, ya adimanang; nyewe ya hae e tla emelwa kahlolong.


Bohlale bo ikahetse ka pelong ya motho ya masene; empa bohare ba mawatla bo a itshenola.


Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.


Se kgahlisang lehlanya hase ho rua hlalefo, empa e le ho hlahatsa se ka pelong ya lona.


Mosomi ke lebitso la motho ya ikgohomosang, ya mabela, ya etsang tsohle a rwetse boikgomoso.


Qalo ya mantswe a molomo wa lona ke bothoto, mme qetello ya puo tsa lona ke bohlanya bo senyang.


esita leha sethoto se ya ka tsela, se ye se hloke kelello, mme se bolelle bohle hore ke dithoto.


Bonang, mohlanka wa ka o tla atleha; o tla hola, a phahame, a be moholo haholo.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Empa ho utlwa ha lona ho tsebilwe ke bohle; ke le thabela ke hona, empa ke rata ha le ka ba bohlale botleng, mme le be dithoto bobeng.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.


Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.


Monghadi wa ka a se ke a tsotella motho eo ya bohale, Nabale; hobane o ka lebitso la hae; lebitso le hae ke Nabale (lewatla); mme bowatla bo ho yena. Haele nna, ke le lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monghadi wa ka a kileng a ba roma.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ