Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Tshepo ha e dieha ho phetheha, e babisa pelo; empa ha ho hlaha seo motho a se dumang, ke sefate sa bophelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 13:12
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Iseraele a re ho Josefa: A ke shwe jwale, haele mona ke bone sefahleho sa hao, hoba o sa ntse o phela.


Yaba morena o re ho nna: Sefahleho sa hao se sosobanetseng, athe ha o kule? Hona hase ho hong haese maswabi a pelo. Yaba ke tshoha ka ho fetisisa.


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


Haele nna, ho lokeng ha ka ke boha sefahleho sa hao, mme ha ke phaphama, ke tla kgora sefahleho sa hao.


Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.


Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo; ya bohlale o hapa meya ya batho.


Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.


Ya nyedisang lentswe o a itahla; empa ya tshabang molao o tla putswa.


Takatso ha e phethehile e monate pelong, mme ho furalla bobe ke manyala ho mawatla.


Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.


Baradi ba Jerusalema, ke a le antsha, ke re: Ha le bona moratuwa wa me, na le tla reng ho yena? ... Le re: Ke bohloko ke lerato.


Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.


Mahareng a lepatlelo la motse le mabopong a noka, ka mose o mong le o mong, ho na le sefate sa bophelo se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi, mme se beha ditholwana ka dikgwedi tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho fodisa baditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ