Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.
Ho hlola, o fela o hlotse Baedomo, mme pelo ya hao e ikakasitse; o ithorise kahoo, o mpe o dule ha hao; na o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?
Bohle ha ba bona hoo, ba re: Ho jwalo ha ho eso ho ka ho hlaha, le ho bonwa, haesale bana ba Iseraele ba nyoloha fatsheng la Egepeta, ho fihlela la kajeno. Lemohang taba eo, le rere hammoho, mme le bue.