1 Ngwana ya bohlale o hlokomela thuto ya ntatae; empa mosomi ha a ele tayo sedi.
1 Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.
A tsamaya ka mehlala yohle ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha, a etsa tse lokileng mahlong a Jehova.
Diproverbia tsa Salomone. Ngwana ya hlalefileng ke thabiso ho ntatae; empa ngwana ya lewatla ke mapalesapelo ho mmae.
Tsela ya lewatla e lokile mahlong a lona; empa ya amohelang keletso o bohlale.
Monyefodi o batla bohlale, empa ha a bo fumane; athe tsebo e fumanwa ka bonolo ke ya masene.
Monyefodi ha a rate ya mo kgalemelang; ha a kopane le ba bohlale.
Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae; empa ngwana ya lehlanya o nyedisa mmae.
Lehlanya le nyedisa thuto ya ntata lona, empa ya mamelang tayo o a hlalefa.
Ka baka leo, bana ba ka, mmameleng, le ele dipolelo tsa molomo wa ka hloko.
Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.