Ka ntoo tloha bosiu ke ena le batho ba seng bakae, hobane ke ne ke sa ka ka bolella motho seo Modimo wa ka o se beileng pelong ya ka hore ke se etsetse Jerusalema; hape ho ne ho se pelesa e nngwe ho nna haese pelesa eo ke neng ke e palamile.
Mahosana a ne a sa tsebe moo ke ileng, le seo ke se etsang; ke ne ke eso ho bolelle Bajuda, leha e le baprista, le baholo, le mahosana, le ba bang ba sebetsang mosebetsi.
Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele.