Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 12:11
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


E, o tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya matsoho a hao. Menono le lehlohonolo di be ho wena!


Ha ke dule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi.


Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.


Tshimo ya mofutsana e bea dijo tse ngata; tshimo e nngwe e a nyopa ha e ruilwe ke ya hlokang ho loka.


Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.


Moo kgomo di leng siyo, mediko e hloka dijo; empa matla a dipholo a ekeletsa leruo.


Se rate boroko, esere mohlomong wa fumaneha; phaphama, o tutubolohe, mme o tla kgora bohobe.


mme lebese la dipodi e tla ba dijo tsa hao, le tsa ntlo ya hao, le tsa makgabunyane a hao.


Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe, empa ya tlwaelang mahlaswa o tla kgora bofuma.


Ya febang le mosadi o feletswe ke kelello; ya etsang hoo o itimetsa moya wa hae kasebele.


ka bona ho le dithoto, hara ba batjha ka lemoha mohlankana e mong ya hlokang kutlwisiso;


Bowatla ke mosadi ya lerata; ha bo na pelokeletsi, ha bo na tsebo.


Ya leebelo a fapohele kwano; mme ho sethoto bo re:


Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.


Ba sebeletsang masa wana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang;


Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.


Hape, ha re a ka ra ja bohobe ba motho feela, re mpa re sebeditse motshehare le bosiu ka thata le ka kgathalo, hore re tle re se ke ra imetsa motho hara lona.


Ba mo nea ditjhelete tse mashome a supileng tsa ntlo ya Baale-Berithe, mme ka tsona Abimeleke a lefa batho ba lefeela, ba mekgwa e mebe, hore ba tle ba mo latele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ