1 Ya ratang tayo o rata tsebo; haele ya hloileng kgalemelo, ke sethoto.
1 Ya ratang ho lauwa o rata tsebo, ya hloileng ho kgalengwa ke phoofolo ya naha;
O ntshenolele tsela ya ditemoso tsa hao, mme ke tla nahanisisa mehlolo ya hao!
Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.
Le se ke la ba jwaloka pere le esele tse se nang kutlwisiso, tseo, hojane e se be ka tomo eo di thapiswang ka yona, di neng di ke ke tsa o atamela.
haele moo o hloile ho lauwa, o lahletse mantswe a ka kamora hao?
Motho ya letlaopa ha a tsebe teng, lewatla ha le utlwisise teng.
Motho ya pelo e hlalefileng o utlwa keletso, empa ya beberang tsa bosawana o tla dihelwa.
Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!
Motho ya molemo o tla fumana mohau ho Jehova, empa o tla tswa ya merero e mebe.
Tayo e bohloko ho ya kgelohileng tsela, mme ya e hloileng o tla timela.
Motho ya ikgethang ho ba bang o batla ho ikgahlisa yena a nnotshi; kgalefong ya hae o soma tsohle tsa bohlale.
Ruri, ke thotofetse ho fetisa bohle; ha ke na kutlwisiso ya motho;
Ke rata ba nthatang; ba mpatlang e sa le kameso, ba tla mphumana.
Jwale, bana, nkutlweng! Ho lehlohonolo ba yang ka tsela tsa ka.
Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.
Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.
Moprista o tla mo tadimisisa. Ha kokobalo e tshweu e le teng letlalong, e sweufaditseng mohwete, mme hodima kokobalo eo ho bonahala nama e petohileng,
le ka thetso yohle ya bokgopo ho ba timelang; hobane ha ba ka ba amohela lerato la ho rata nnete, ba tle ba bolokehe.