Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ho loka ha motho ya lokileng ho tla mo hlekela tsela, empa e mobe o tla dihelwa ke bobe ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ho loka ha ba se nang molato ho lokisa tsela tsa bona, ba kgopo ba timetswa ke bokgopo ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:5
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Mehato ya hae e tiileng e tla honyetseha, o tla dihelwa ke mano a lohilweng ke yena;


athe bona ba lalla madi a bona, ba tjheha ho phela ha bona.


Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.


Motho a ke ke a tiiswa ke bobe; haele motso wa ya lokileng, o ke ke wa ba wa sisinyeha.


Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.


Motho ya bolotsana o ithatafatsa sefahleho, empa ya lokileng o sasamatsa tsela ya hae.


Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.


O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.


Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


Tsela ya motho ya lokileng ke tsela e latsitsweng; wena ya lokileng, o latsa mmila wa ya lokileng.


Boikgohomoso ba Iseraele bo paka sebe sa hae pepeneneng; Iseraele le Efraime ba tla kgoptjwa ke makgopo a bona, ho kgoptjwe le Juda hammoho le bona.


Jwale, banna ba Iseraele ba reteleha, mme banna ba Benjamine ba tsieleha, ha ba bona hobane kotsi e ba hlahetse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ