Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ya lokileng o tla fumana moputso a sa phela, ya kgopo le moetsadibe le bona ba tla putswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:31
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o nkentse ka ho loka ha ka, o mpuseditse ka ho hlweka ha matsoho a ka.


Ka baka leo, Jehova o mputsitse ka ho loka ha ka le ka ho hlweka ha ka pela mahlo a hae.


Eo a tloha, a kgahlana le tau tseleng, ya mmolaya; setopo sa hae sa namalla tseleng, esele e eme pela sona; le yona tau ya ema pela setopo.


Ya ratang tayo o rata tsebo; haele ya hloileng kgalemelo, ke sethoto.


Ditlokotsi di phallela baetsadibe; empa lehlohonolo ke moputso ho ba lokileng.


Motho ya tholang lehlanya le basebi, o jwaloka mohlabani ya hlabang bohle.


Ke tla otla lefatshe ka baka la bobe ba lona, le ba bolotsana ka baka la makgopo a bona, ke tla fedisa boholo ba baikgantshi, ke kokobetse boikgohomoso ba bahlorisi.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Hobane bonang, motse ona o bitswang ka lebitso la ka ke tla simolla ka wona ho hlahisa bobe; mme lona le be le ka phema kotlo na? Le ke ke la e phema, hobane nna ke memela baahi bohle ba lefatshe lerumo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Haele Balevi ba mphuruletseng mohla Baiseraele ba kgelohang, ba nkgelohang ho ya latela ditshwantsho tsa bona, ba tla jara bokgopo ba bona.


Ka baka leo, moprista o tla hlahelwa ke taba e le nngwe le setjhaba, mme ke tla kgalemela mekgwa ya bona, ke ba etse ka diketso tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ