Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ya tshepang maruo a hae o tla timela, ya lokileng o atleha jwaloka hlaku le letalana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:28
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.


ba itshepetseng menono ya bona, ba ithorisang ka bongata ba maruo a bona?


Le se ke la tshepa botubo, le se ke la bea tshepo ya lona tlatlapong. Ha le atelwa ke maruo, le se ke la bea dipelo tsa lona ho wona.


Menono ya morui ke qhobosheane ya hae, empa bomadimabe ba mafutsana ke ho fumaneha ha wona.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utlwe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tshabe letho, ha se lese ho beha ditholwana.


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ