Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 E mong o fana haholo, leruo le mo atele, e mong e be lekgonatha, bofuma bo mo aparele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:24
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.


O abela, o fa bahloki; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng; lenaka la hae le ema ka kganya.


E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.


Seo motho ya lokileng a se dumang ke botle ruri; empa seo ba babe ba ka se tshepang ke kgalefo feela.


Ya tsebang ho fana o tla nona; ya nosetsang o tla nosetswa le yena.


O teng e mong ya iketsang morui, athe ha a na le letho; e mong o iketsa mofumanehi, athe o ruile haholo.


Ya hauhelang mofumanehi o adimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.


Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena.


Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.


Jala peo ya hao e sa le hosasa, matsoho a hao o se ke o a a neela sebaka mantsiboya; hobane ha o tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba di tla mela hantle tse pedi.


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Na motho ha a tshabe ho thetsa Modimo, haele moo lona le nthetsa? Mme le re: Re o thetsa ho eng? Ke karolong ya leshome ya tseo le di ruileng le seabong.


fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.


O mo fe hle, mme pelo ya hao e se belaele ha o mo fa; hobane ka baka la taba eo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing ya hao yohle, le ditabeng tsohle tseo o tla bea matsoho a hao ho tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ