Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ba pelo di kgopo ke manyala ho Jehova; empa ba metsamao e bokgabane, o kgahlwa ke bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Morena o hloile ba pelo di kgopo, empa o thabela ba metsamao e lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.


Hobane Jehova o lokile, o rata ketso tse lokileng; batho ba lokileng ba boha sefahleho sa hae.


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


E, ba lokileng ba tla rorisa lebitso la hao; batho ba nang le ho loka ba tla nne ba hlole pela hao.


Empa wena, o rata nnete pelong ya motho. O ntsebise bohlale sephiring sa ka!


Ruri e mobe a ke ke a lesa ho otlwa; empa leloko la motho ya lokileng le tla namolelwa.


Melomo e mano ke manyala ho Jehova; empa ba bolelang nnete ba mo kgahlisa.


Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.


Mawatla a swaswa ka sebe, empa ba lokileng ba thabelana.


Mehopolo ya moetsadibe e manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke dipuo tsa ba pelo di hlwekileng.


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Mmila wa ba lokileng ke ho nena bobe, ya elang metsamao ya hae hloko o boloka moya wa hae.


Motho ya bolotsana o ithatafatsa sefahleho, empa ya lokileng o sasamatsa tsela ya hae.


Ho Jehova motho ya kgopo ke manyala, empa ya lokileng o na le lekunutu la hae.


Pelo ya hae e senyehileng e rera bobe kamehla, e jala diphapang;


Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo;


Ya layang mosomi o ipatlela sekgobo, ya kgalemelang e mobe le yena o ya hlomphollwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ