Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ho loka ha sebele ho isa bophelong; haele ya latelang bobe, yena o mathela lefung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Motho ya lokileng o tla rua bophelo, ya pheeletseng bobe yena o tla timela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho yena: Jehova o re: Erekaha o rometse manqosa ho botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, jwaloka eka ha ho Modimo Iseraeleng, oo o ka botsang taba ho wona, ka baka leo, ha o ka ke wa theoha malaong ana o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.


Ka baka lena, Jehova o re: O ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri. Yaba Elia o a ya.


Ya lokileng o sebeletsa ho phela, empa ya sa lokang o ruela sebe.


Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


Tseleng ya ho loka bophelo bo teng, mme mmileng wa hona ho na le ho se shwe.


Ho tshaba Jehova ho isa bophelong; ya mo tshabang o tla kgora, a robale, a sa hlahelwe ke kotsi.


Motho ya kgelohang tsela ya hlalefo o tla fella sebokeng sa bafu.


Ya phallelang ho loka le mohau o tla fumana bophelo, le ho loka, le kganya.


Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.


Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


O ye ka ho lokileng ruri, o tle o phele, mme o rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.


Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.


Bana, le se ke la thetswa ke motho: Ya etsang ho lokileng o lokile, jwalokaha le yena a lokile;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ