Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 11:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ya nyedisang wa habo ha a na kelello; empa ya nang le kutlwisiso o a kgutsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Sethoto se nyedisa mohahabo sona, empa ya nang le kutlwisiso yena ke lethola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 11:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa mpa sa nna sa kgutsa, se se ke sa fetola letho, hobane taelo ya morena e be e itse: Le se ke la mo fetola.


Dipolelong tse ngata, tshito ha e hlokwe; ka baka leo, ya itshwarang molomo o bohlale.


Hlohonolofatso ya ba lokileng e haha motse; empa o qhalwa ke melomo ya ba babe.


Ya tjhakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ya pelo e tshepehang o boloka taba.


Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.


Ya febang le mosadi o feletswe ke kelello; ya etsang hoo o itimetsa moya wa hae kasebele.


Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.


Hape, a bolela setshwantsho sena ho ba bang ba itshepisang hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang; a re:


enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;


Sebule a re ho yena: Taba ya hao e kae jwale eo o e boletseng, wa re: Abimeleke ke mang, ha ho thwe, re mo sebeletse? Batho bao na hase bao o neng o ba nyedisa na? Tswa jwale, o lwane le bona.


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ