Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ya tsamayang ka ho loka o tsamaya ka kgotso; empa ya kgopamisang metsamao ya hae o a tsebahala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Motho wa nnete o tsamaya a sireletsehile, ya se nang nnete, yena o tla senolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


Bona, Modimo ha o kgese ya se nang molato, empa o ke ke wa sireletsa baetsadibe.


Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang.


Bokgabane le ho loka a di ke di ntiise, hobane ke o tshepile.


Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.


Ya pelo e kgopo a ke ke a fumana lehlohonolo, mme ya leleme le kgopameng o tla wela bobeng.


Hloyo e ipata ho ikgakanyeng, empa bolotsana ba yona bo tla senolwa pitsong.


Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.


Ke moo o tla tsamaya o ntse o tiile tseleng ya hao; leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.


Le se ke la ba tshaba ke hona, hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa; mme ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le tsejwa.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Hape, le yona mesebetsi e metle ya ba bang e ye e bonahale pele, mme e hosele e sitwa ho patwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ