Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:7
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Hobane ke tla sireletsa motse ona, ke o pholose ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


A patwa tlung ya Davida hara marena; hobane a ne a etseditse Iseraele le Modimo le ntlo ya wona molemo.


Esekiase a orohela ho bontatae, mme a patwa lebitleng le kahodimo la bana ba Davida, mme Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba mo hlompha ho shweng ha hae; mme Manasse, mora wa hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ha a sa hopolwa lefatsheng, lebitso la hae ha le sa bolelwa mapatlelong.


Ba lebalwa ke mpa e ba belehileng; ba etswa matlatlo a diboko; ha ba sa hopolwa. Molotsana o tloswa jwaloka sefate se omeletseng;


batho ba opa diatla ka yena, ba mo letsetsa molodi ha a tloha tulong tsa hae.


Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang.


di mpe di ke di be pela Jehova kamehla, a fedise ho hopola ha bona lefatsheng!


Hobane a ke ke a sisinngwa le ka mohla o le mong, ya lokileng o tla hopolwa ka ho sa yeng kae.


Sefahleho sa Jehova se tjamela ba bolotsana ho tlosa ho hopolwa ha bona lefatsheng.


Ba lokileng ha ba howa, Jehova o a ba utlwa, o ba imolla matswalong a bona kaofela.


Bao e leng dira ho nna ba ntsheba ka dipolelo tsa bolotsana, ba re: O tla shwa neng, lebitso la hae le tla fela neng?


Botumo bo fetisa maruo a maholo, hlompheho le yona e fetisa silefera le kgauta.


Ka bona ha ba bolotsana ba patwa, athe ba etsang hantle ba ne ba tloha, ba ya hole le nqalo e halalelang, ba ba ba lebalwa ke ba hae. Hoo le hona ke lefeela.


Hobane ke tla tloha ke ba lwantshe, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla fedisa lebitso la Babilona, le ho setseng ha hae, lekala le lehlomela, ho bolela Jehova.


Tshepo ya Iseraele, Jehova ba o hlobohang kaofela ba ya hlabiswa dihlong. Ba nkwenehelang ba tla ngolwa lefatsheng, hobane ba hlobohile sediba sa metsi a phedisang, e leng nna Jehova.


Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena le sona se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.


hobane o tadimile bofutsana ba lekgabunyane la hae; mme jwale, meloko yohle e tla re, ke lehlohonolo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ