Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Motho ya lokileng o rwetse mahlohonolo hloohong, empa lonya le aparetse melomo ya e mobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Mahlohonolo a aparela ba lokileng, polelo tsa ya kgopo di kwetlile bosoro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a kgutla tshimong ya ntlo ya borena, a boela tlung moo ho neng ho nowa veine. Athe Hamane o ne a itihetse malaong ao Esthere a sekameng ho wona. Morena a re: Na ke ho re, o ya tsohela mofumahadi matla hona pela ka, tlung ya ka na? Taba eo yare e sa tswa molomong wa morena, ha kgurumetswa sefahleho sa Hamane.


ke ne ke hlohonolofatswa ke ya neng a le lekgatheng la ho timela, ka kenya thabo pelong ya mosadi wa mohlolohadi;


Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; empa ba bolotsana kaofela ba thibana melomo.


Molomo wa motho ya lokileng ke sediba sa bophelo; empa lonya le kwahetse molomo wa ya sa lokang.


Ya bokellang lehlabula ke ngwana ya bohlale; empa ya robalang ha ho kotulwa, ke ngwana ya hlabisang dihlong.


Ya hanang le mabele a hae, o tla rohakwa ke batho; empa ya dumelang ho rekisa ka wona, o na le hlohonolofatso hloohong ya hae.


empa ba mo kgalemelang ba tla ratwa, ba hlahelwe ke lehlohonolo le molemo.


Motho ya tshepehang o ruile mahlohonolo; empa ya ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.


Thohako ya Jehova e ka tlung ya moetsadibe, empa o hlohonolofatsa ntlo ya ba lokileng.


Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.


Ka baka la bolotsana boo o bo entseng ho ngwaneno Jakobo, o tla apeswa ka dihlong, o timeletswe ruri, ho isa ka ho sa yeng kae.


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Dihlohonolofatso tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele, ha o ka utlwa lentswe le Jehova, Modimo wa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ