Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ya letsoho le botswa o tla fumaneha, empa letsoho la sekgothadi le tla se ruisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ya phuthileng matsoho o tla futsaneha, athe matsoho a kgothetseng a ruisa monga wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:4
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona tsatsi leo, bahlanka ba Isaaka ba tla, ba mo tsebisa taba ya sediba seo ba neng ba ntse ba se tjheka, ba re ho yena: Re fumane metsi.


Ya bokellang lehlabula ke ngwana ya bohlale; empa ya robalang ha ho kotulwa, ke ngwana ya hlabisang dihlong.


E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.


Letsoho la motho ya mahlahahlaha le tla busa; empa ya botswa e tla ba mohlanka wa ba bang.


Sekgoba se tswafa le ho phallela phoofolo ya sona; empa ntho tse molemo di ruwa ke batho ba kgothetseng.


Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.


Ya tshwarang mosebetsi wa hae ka monyebe, ke ngwanabo lehlaswa.


Botswa bo dihela motho bodibeng ba boroko, mme moya wa mokokorohi o tla lapa.


Sekgoba se kenya letsoho lefisong, empa se tswafa le ho le isa molomong.


Se rate boroko, esere mohlomong wa fumaneha; phaphama, o tutubolohe, mme o tla kgora bohobe.


Sekgoba ha se leme, hoba se hatsetse; mohla ho kotulwang, se a kopa, empa ha ho letho.


Merero ya motho ya mahlahahlaha e isa kgoreng; empa ya potlakang o tla wela bofumeng.


Difate tse ferileng ntlo di wa ka baka la botswa ba matsholo a e ferileng, mme ntlo e nela ka baka la matsoho a tswafang ho sebetsa.


Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ