Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Melomo ya ba lokileng e tseba tse kgahlisang; empa molomo wa ba sa lokang o bolela bokgopo feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Ya lokileng o bua puo tse thabisang, athe ya kgopo o tseba ho sokamisa ditaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:32
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hlohonolofatso ya ba lokileng e haha motse; empa o qhalwa ke melomo ya ba babe.


E mong ha a bebera, puo tsa hae di hlaba jwaloka tsenene, empa molomo wa ya bohlale o a thoba.


Mantswe a ba babe ke mamena a ho tsholla madi; haele molomo wa ba lokileng, o a ba pholosa.


Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.


Pelo ya motho ya lokileng e nahana karabo; empa molomo wa e mobe o kolla tse mpe.


ho o phemisa tsela ya bobe, ho o kelosa ho bao ba buang tse kgopo,


O lelekise leleme le kgopo, o nene molomo o mano.


Motho wa lefeela, ya lonya, o tsmaya ka molomo o mano,


Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.


Mmoledi o nnile a phehella ho fihlela dipapiso tse kgahlehang, mme tse ngodilweng ka ho loka ke taba tsa nnete.


Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.


Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ