29 Tsela ya Jehova ke qhobosheane ho ya kgabane, empa ho ba kgopo ke tshenyeho.
29 Tsela ya Morena ke tshabelo sa ba lokileng, empa ba kgopo bona e a ba timetsa.
Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?
Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.
Ba bolotsana ba se ba ya wa, ba dihilwe; ha ba sa tla hlola ba tsoha.
Ba bolotsana ba ya fela, bao e leng dira ho Jehova ba tla timela jwaloka makgulo a matle, ba timele jwaloka mosi.
Ha ba ntse ba tsamaya, ba ekeletswa matla, ho fihlela ba itlhahisa pela Modimo Sione.
Leha banyefodi ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng.
Mohla ho shwang e mobe, tshepo ya hae e a timela, le yona tebello ya ya sa lokang e a fela.
Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.
Ho etsa ho loka ke thabo ho ya lokileng, empa ho bakgopo ke polao.
Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.
Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.
Ba setjhaba sa ka ke tla ba natlafaletsa ho Jehova, mme ba tla tsamaya ka lebitso la hae, ho bolela Jehova.
Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.