Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Tshepo ya ya lokileng e tla fetoha thabo, empa tebello ya motho ya sa lokang e tla timela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Letshepa la ba lokileng le hlahisa thabo, athe la ba kgopo lona le a nyamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:28
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa mahlo a ba bolotsana a tingwa, ba hloka setshabelo; tshepo e ba saletseng ke ho neela moya.


Tsela ya e mong le e mong ya lebalang Modimo e jwalo, tebello ya ya se nang borapedi e a fela;


E mobe o tla bona hoo, a hlokofale ke hona; o tla tsikitlanya meno, a omelle. Ditakatso tsa ba babe di tla etswa lefeela.


Pelo ya ka e thabile ke hona, moya wa ka o nyakaletse, le yona nama ya ka e tla phomola ka tshepo;


Binelang Modimo, le roke lebitso la wona! Batelletsang ya kaletseng lefeelleng tsela! Jehova ke lebitso la hae; itumeleng pela hae.


Seo motho ya lokileng a se dumang ke botle ruri; empa seo ba babe ba ka se tshepang ke kgalefo feela.


Mohla ho shwang e mobe, tshepo ya hae e a timela, le yona tebello ya ya sa lokang e a fela.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Sebeng sa motho e mobe sefi se teng; empa ya lokileng o a bine, o a thabe.


Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.


Jwale, Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso yohle tumelong, tshepo ya lona e tle e ekeletswe ka matla a Moya o Halalelang.


e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.


Mme Morena wa rona Jesu Kreste, yena ka sebele, le Modimo, Ntata rona, o re ratileng, o re fileng ka mohau wa wona tshediso e sa feleng le tshepo e molemo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ