Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Motho ya botswa ho ba mo romang ke asene menong le mosi mahlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Jwalokaha asene e thellisa meno a motho, mosi le wona o llisa mahlo a motho, sekgoba se jwalo ho ba se romang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:26
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo.


Ho hlobola kobo mohla ho hatsetseng, le ho tshela asene ka letobola, ke ho hlabela pelo e hlomohileng dipina tsa menyaka.


Ya romelang ditaba ka lehlanya o ikgaola maoto, o inwella tshenyo.


Hela sekgoba! eya ho bohlwa, o qamake mekgwa ya bona, o tle o hlalefe.


ba reng: Ema hojana, se atamele ho nna, hobane ho wena ke ya kgethehileng. Batho bao ke mosi dinkong tsa ka, mollo o tukang kamehla.


Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng.


Bakeng sa mafolofolo, le se ke la ba botswa; le be le tjheseho moyeng; le sebeletse Morena.


le tle le se ke la fetoha ba botswa, le mpe le be balatedi ba ba ruileng dipallo ka tumelo le ka sebete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ