Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Seo e mobe a se tshabang ke sona se tlang ho mo wela hodimo; empa ba lokileng ba tla newa seo ba se ratang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Se tshajwang ke ya kgopo se tla mo wela hodimo, empa takatso ya ya lokileng e tla phethahatswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:24
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!


Hobane botshabeho boo ke bo tshabang bo nkwela hodimo, mme see ke se tshohang ke se ntlhahelang.


O fa ba mo tshabang ho ratwang ke bona, o utlwa mehoo ya bona, mme o a ba lopolla.


O mo file kamoo pelo ya hae e lakaditseng kateng, ha o a ka wa nyatsa thapelo ya molomo wa hae. (Sela.)


O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.


le nna ke tla tsheha ditsietsi tsa lona, ke some mohla le hlahelwang ke matsoso,


mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse;


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


le nna ke tla kgetha kotlo tsa bona, ke ba hlahisetse seo ba se tshabang; hobane ke bitsitse, mme ha ho ya arabileng; ke boletse, mme ha ba ka ba mamela, empa ba entse ho leng hobe mahlong a ka, ba ikgethetse seo ke sa se rateng.


Lerumo le a le tshaba, empa ke tla le tlisetsa lerumo: ho rialo Morena Jehova.


Taba tseo kaofela tsa fela tsa hlahela morena Nebukadnesare.


Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.


Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.


Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.


e se e mpa e le tebello e tshabehang ya kahlolo, le bohale ba mollo o tlang ho ja bahanyetsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ