Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Dipolelong tse ngata, tshito ha e hlokwe; ka baka leo, ya itshwarang molomo o bohlale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bongata bo bokalo ba mantswe na bo ka hloka phetolo na? Motho ya lehehle na o tla re, o lokile na?


Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.


Ya nyedisang wa habo ha a na kelello; empa ya nang le kutlwisiso o a kgutsa.


Ya tjhakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ya pelo e tshepehang o boloka taba.


Ya masene o ipolokela tsebo; empa pelo tsa mawatla di tumisa bohlanya ba wona.


Lefu le bophelo di matleng a leleme; ba le ratang ba tla ja tholwana tsa lona.


Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.


O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;


hobane jwalokaha toro e etswa bongateng ba mesebetsi, ho jwalo molomo wa lewatla o tsejwa ka bongata ba mantswe.


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ