Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ya elellwang tayo o tshwere tsela ya bophelo, empa ya hanang nyatso o a lahleha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ya mamelang ha a kgalengwa o tseleng ya bophelo, empa ya sa mameleng, yena o a kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:17
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


ba hanne keletso ya ka, ba nyedisitse kgalemelo tsohle tsa ka;


Ya ratang tayo o rata tsebo; haele ya hloileng kgalemelo, ke sethoto.


Tayo e bohloko ho ya kgelohileng tsela, mme ya e hloileng o tla timela.


Ya hanang tayo o nyedisa moya wa hae; empa ya mamelang kgalemelo o rua bohlale.


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.


Tshwara tayo ka matla, o se ke wa e lesa ya phonyoha, o e boloke, hobane ke bophelo ho wena.


ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.


wa re: Na ke ne ke hane tayo jwang? Pelo ya ka e ne e hloetseng kgalemelo na?


Jo! ke batlile ke wela bobeng bo fetisisang hara bongata ba batho le phutheho.


Hobane keletso ke lebone, thuto ke lesedi, mme dikgalemelo tsa tayo ke tsela ya bophelo;


O se ke wa lesela molomo wa hao ho o isa, o se ke wa bolela pela lenqosa la Modimo, wa re: Ke ne ke bua feela! esere Modimo wa halefela lentswe la hao, wa senyetsa mosebetsi wa matsoho a hao.


A mpa a re: E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le boloka.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.


Eitse ha a emisa mahlo, a bona monna wa moeti lepatlelong la motse; yaba monna eo ya tsofetseng o re ho yena: O ya kae?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ