Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 10:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Menono ya morui ke qhobosheane ya hae, empa bomadimabe ba mafutsana ke ho fumaneha ha wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Morui o tshepile maruo a hae, mofutsana o timetswa ke bofuma ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 10:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba itshepetseng menono ya bona, ba ithorisang ka bongata ba maruo a bona?


Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!


Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.


Leruo la morui ho yena ke qhobosheane, mahlong a hae ke lerako la setshabelo.


Mofutsana, banababo bohle ba mo hloya, thaka tsa hae di tla fetisa hakakang ka ho mo ila! Ere a sa bua, ba se ba mo hasanela.


hobane bohlale ke tshirelo, jwalokaha le yona tjhelete e le tshirelo; empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phedisa ba bo ruileng.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Barutuwa ba makala ke polelo tsa hae. Empa Jesu a boela a bua, a re ho bona: Bana, ho thata hakakang ho ba tshepileng maruo ho kena mmusong wa Modimo!


mme ke tla re ho moya wa ka: Moya, o na le mesebetsi e mengata e bokelletsweng dilemo tse ngata; phomola, o je, o nwe, o nyakalle.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ