Motho ya molemo o ntsha dintho tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; mme motho ya lonya o ntsha dintho tse lonya letlotlong le lonya la pelo ya hae.
Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; mme ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tshimo eo.
A re ho bona: Ke moo ke reng: Mongodi e mong le e mong, ya rutilweng tsa mmuso wa mahodimo, o jwaloka motho eo e leng monga ntlo, ya ntshang dintho tse ntjha le dintho tsa kgale letlotlong la hae.