Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ho tshaba Modimo ke qaleho ya tsebo, empa dithoto di nyedisa bohlale, di nyedisa le tayo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 1:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na?


Ya hanang tayo o nyedisa moya wa hae; empa ya mamelang kgalemelo o rua bohlale.


Ho tshaba Jehova ke thuto ya bohlale, mme boikokobetso bo etella kganya pele.


Lehlanya le nyedisa thuto ya ntata lona, empa ya mamelang tayo o a hlalefa.


Se kgahlisang lehlanya hase ho rua hlalefo, empa e le ho hlahatsa se ka pelong ya lona.


ke moo o tla tseba ho tshaba Jehova, o fihlele tsebo ya Modimo;


O se ke wa bua ha lewatla le utlwa, hobane le ka nyedisa hlalefo ya ditaba tsa hao.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; ho tseba Ya halalelang ke hlalefo.


Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;


Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.


Di bolokeng, le etse ka tsona, hobane ke tsona tseo e tla ba bohlale ba lona, le kelello ya lona pela ditjhaba tse tlang ho utlwa melao ena kaofela; di tla re: Tjhaba seno se seholo, ruri ke setjhaba se hlalefileng, se nang le kelello.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ