le nna ke tla kgetha kotlo tsa bona, ke ba hlahisetse seo ba se tshabang; hobane ke bitsitse, mme ha ho ya arabileng; ke boletse, mme ha ba ka ba mamela, empa ba entse ho leng hobe mahlong a ka, ba ikgethetse seo ke sa se rateng.
Haele setjhaba seo baporofeta ba ntseng ba se porofetela, ba tla rapalletswa diterateng tsa Jerusalema ke tlala le ke lerumo, ho hlokehe ya ba epelang, bona, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona; mme ke tla ba tshollela bobe ba bona.
O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.
Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.
Ha ho le jwalo, ke se ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke be ke ba timeletse ka mollo wa bohale ba ka, ke bee molato wa metsamao ya bona hloohong tsa bona: ho rialo Morena Jehova.