16 Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletswe ho tsholla madi.
16 Maoto a bona a titimela bobeng, a potlakela ho ya tsholla madi.
Tloong jwale, re mmolayeng, re mo diheleng lemeneng le leng, re tle re re: O rusolotswe ke selalome; re bone hore ditoro tsa hae di tla fella kae.
Ruri, leraba le tjhehelwa lefeela pela mahlo a dinonyana;
Mantswe a ba babe ke mamena a ho tsholla madi; haele molomo wa ba lokileng, o a ba pholosa.
Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.
Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;
ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng;
Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tsholla madi a se nang molato; mehopolo ya bona ke mehopolo ya bolotsana; tshenyo le timetso di ditseleng tsa bona.
Mme ha ho se loke ha rona ho bonahatsa ho loka ha Modimo, re tla reng moo? Na Modimo o kgopo ha o etsa ka kgalefo na?
Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo.