E tla ba ya tsamayang tseleng ya ho loka, ya bolelang ka ho loka, ya nyatsang maruo a nkilweng ka matla, ya hlohlorang letsoho la hae le tle le se ke la amohela dineo, ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa merero ya ho bolaya, ya tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.
Ho itswe ke Jehova ho setjhaba sena: Ba rata ho phaila, ha ba kganne maoto a bona, ke moo Jehova a sa kgahlisweng ke bona, mme jwale o tla hopola makgopo a bona, a kgalemele dibe tsa bona.