Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 99:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 99:5
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha.


A ba ke ba mo phahamise phuthehong ya setjhaba, mme ba mo roke mokgatlong wa ba baholo.


Modimo, o ke o iphahamise hodimo ho mahodimo, kganya ya hao e kganyetse lefatshe lohle.


O Modimo wa ka, ke o roka ke hona; o Modimo wa ka, ke a o rorisa.


A re keneng tabernakeleng ya hae, a re kgumameng pela bonamelo ba maoto a hae!


Tsoha, Jehova, ka matla a hao! Re rata ho bina le ho rorisa diketso tsa hao tse phahameng.


Kopanang le nna ho tlotlisa Jehova; bohle, re hodiseng lebitso la hae hammoho.


A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!


Matla a ka le thoko ya ka ke Jehova, ebile yena ho pholoha ha ka: ke yena Modimo wa ka, ke tla mo rorisa; ke Modimo wa ntate, ke tla mo tlotlisa.


ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise ditjhaba diketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng.


Jehova, o Modimo wa ka, ke tla o hodisa, ke tumise lebitso la hao, hobane o entse diketso tse mehlolo; tseo o di rerileng kgale di bonahetse hoba ke nnete le ho tiya.


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


Setjhaba sa ka se tiiseditse ho nkwenehela; leha ba biletswa hodimo, ha ho le a mong ya emisetsang pelo ya hae teng.


Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ