Davida a bolella balaodi ba Balevi hore ba hlopholle banababo bona, e leng dibini, hore ba eme ka diletsa, e leng diviole, le diharepa, le disimbala, tseo ba tla di letsa ka matla, ba etse modumo wa thabo ka tsona.
Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.
Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.
Ka mokgwa o jwalo, Jehova o utlwetse Sione bohloko, o utlwetse nqalo tsohle tsa hae tse senyehileng bohloko; o fetotse nahathothe ya hae ya eba jwaloka Edene, le naha ya hae e omeletseng o e entse serapa sa Jehova. Thabo le nyakallo di fumanwa teng, ka difela le dipina.
Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.