O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.
A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!
Ke moo ditjhaba di tla bona ho loka ha hao, le marena kaofela a bone kganya ya hao, mme o tla bitswa ka lebitso le letjha le tlang ho bolelwa ke molomo wa Jehova.
Hobane ho loka ha Modimo ho kwaholotswe ka ho yona, ho tswang tumelong ho isang tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.
Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.
Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re: