Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;
Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.
Hobane bonang, letsatsi le a tla, le tjhesang jwaloka mollo wa sebopi, mme baikgohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba jwaloka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa, ho bolela Jehova wa makgotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.
Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.
A le lehodimong, o ile a o utlwisa lentswe la hae hore a o rute; le lefatsheng o o bontshitse mollo wa hae o moholo, mme o utlwile mantswe a hae a etswa hara mollo.
Ekare ha motho a rata ho di etsa hampe, mollo o tla tswa melomong ya tsona, mme o tla ja dira tsa tsona; mme e mong le e mong ya ratang ho di etsa hampe, e ka kgona a shwe jwalo.