Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 95:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane ke Modimo wa rona, re setjhaba seo e leng modisa wa sona, mohlape o tsamaiswang ke letsoho la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ke yena Modimo wa rona, re setjhaba se diswang ke yena, re mohlape o matsohong a hae. Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 95:7
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova ke yena Modimo wa rona; dikahlolo tsa hae di aparela lefatshe lohle.


Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.


Athe Modimo wa rona o mahodimong; o etsa tsohle tseo o di ratang.


Jehova ke modisa wa ka, nke ke ka hloka letho.


Hobane Modimo oo ke Modimo wa rona kamehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.


Lefatshe le medisitse dijo tsa lona. Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa!


Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?


Mme rona, setjhaba sa hao, mohlape oo o leng moalosi wa wona, re tla o leboha ka ho sa yeng kae, re bolele dithoko tsa hao ditloholong le ditloholwaneng!


Matla a ka le thoko ya ka ke Jehova, ebile yena ho pholoha ha ka: ke yena Modimo wa ka, ke tla mo rorisa; ke Modimo wa ntate, ke tla mo tlotlisa.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Mamelang, hoba ke tla bua tse kgolo, melomo ya ka e hlahise tse lokileng.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!


A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: Kajeno! esebe e mong ho lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.


ha ho ntse ho thwe: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla phephetso.


Modimo o boetse o beile letsatsi le leng, e leng la kajeno, ha o bolela ka molomo wa Davida, kamora ditshiu tse ngata, o re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona.


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ