4 matebo a lefatshe a diatleng tsa hae, le wona maphahamo a dithaba.
4 Dikgohlo tsohle tsa lefatshe di matsohong a hae, le tsona ditlhoro tsa dithaba ke tsa hae.
Ha o ka phalla, wa tshwara, wa isa kahlolong, o tla thibelwa ke mang na?
O tshoha o suthisa dithaba, o di heletsa kgalefong ya wona.
seo a se ratang kaofela Jehova o se etsa mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng kaofela.
O mo file kamoo pelo ya hae e lakaditseng kateng, ha o a ka wa nyatsa thapelo ya molomo wa hae. (Sela.)
wena ya tiisang dithaba ka matla a hao, ya apereng matla;
Wena ya re hlahiseditseng ditsietsi tse ngata tse bohloko, o tla boela o re fe bophelo, o be o re nyolle maleng a lefatshe.
Dithaba di qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi pela sefahleho sa Jehova, pela sefahleho sa Morena wa lefatshe lohle.
dithaba di tla qhibidiha katlasa hae, dikgohlo di petsohe, jwaloka makgeha a dinotshi ha a le pela mollo, le jwaloka metsi a tsholletsweng motheong.
Dithaba di sisinyeha pela hae, maralla a qhibidiha; pela hae lefatshe le a kokomoha, lefatshe la batho, le tsohle tse ho lona.
Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.
O a ema, mme o thothometsa lefatshe; o a tadima, mme o tlakasedisa ditjhaba; dithaba tsa kgale di a qhalana, o pharama le maralla a boholoholo. Tsela tsa hae ke tsa boholoholo.