Esdrase a boka Jehova, Modimo o moholo; mme setjhaba kaofela sa araba, sa re: Amen! Amen! se emiseditse matsoho hodimo; ba boela ba inama; ba kgumama pela Jehova, ba kobotetse fatshe.
Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.
Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.
Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.
Moabe o senyehile, metse ya hae e nyoloha e le mosi, ba batjha ba kgethilweng ba hae ba theohela polaong, ho bolela Morena eo lebitso la hae e leng Jehova wa makgotla.
Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.
Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.
Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.