9 Ya hlomileng tsebe, na a ke ke a utlwa na?
9 Na ya entseng tsebe a ke ke a utlwa? Ya bopileng leihlo na a ke ke a bona?
Jehova o sehalalelong sa hae, Jehova o na le terone ya hae mahodimong; mahlo a hae a bona, dintshi tsa hae di leka bana ba batho.
O lekola pelo ya ka, o e batlisisa le ka bosiu; o ntekile, mme ha o ka wa fihlela bobe ho nna; bokgopo ha bo yo molomong wa ka.
Sefahleho sa Jehova se tjamela ba bolotsana ho tlosa ho hopolwa ha bona lefatsheng.
na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.
Yaba Jehova o re ho yena: Ke mang ya etseditseng motho molomo, kapa ke mang ya etsang motho semumu, kapa ya tsebetutu, kapa ya bonang, kapa ya sefofu? Na hase nna Jehova na?
Veine ke mosomi, jwala bo lerata; bohle ba kgeloswang ke bona ha ba na bohlale.
Tsebe e utlwang le leihlo le bonang, Jehova o di entse tse pedi.
Bonang, letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane hore le sitwe ho pholosa, le ditsebe tsa hae ha di a thibana, hore a sitwe ho utlwa;
La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.
Hoja mmele wohle e ka ba leihlo, kutlo e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kutlo, kutlo ya nko e ka ba kae na?