Na ke tla etsang, ho bolela Jehova, ha setjhaba sa ka se tlositswe feela? Ba se etsetsang boima ba ithorisa ka sona, ho bolela Jehova; lebitso la ka le nyefolwa kamehla, ka tsatsi le leng le le leng.
Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.
Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.
Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.