Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 94:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Na o ka ba le kopano le terone ya bokgopo, e qapang bobe, e nyatsisang molao na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Na o ka ba le kopano le baahlodi, baahlodi ba kgopo, ba fetolang bobe molao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 94:20
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jeroboame a ntoo hloma mokete ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, o kang mokete o etswang Juda; mme a hlaba mahlabelo aletareng. A etsa jwalo le Bethele, a hlabela manamane ao a a entseng, mme a bea Bethele baprista ba nqalo tse diphahameng, tse hahilweng ke yena.


Empa Modimo o re ho molotshana: O etsang, ha o bolela melao ya ka? Molomo wa hao o bolela selekane sa ka keng,


Wena mohale, o ithorisa keng ka bolotsana ba hao? Mohau wa Modimo ke wa kamehla.


Tjhe, le etsa ho sa lokang dipelong tsa lona, mme tokiso ya lona lefatsheng ke ho tsohela batho matla feela.


Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo.


Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.


Ka boela ka tadima tlasa letsatsi, ka bona bokgopo bo le teng nqalong ya kahlolo, le tulong tsa ho loka ka bona bokgopo.


Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.


Ho madimabe ba beang melao e sa lokang, le bangodi ba ngolang mangolo a hloriso;


lona le reng, le bea letsatsi la bohloko hole, mme le bea setulo sa bolotsana haufi?


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.


Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.


Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng.


Saule a re: Utlwa jwale, wena, mora Akitube! Akimeleke a re: Ke nna enwa, monga ka!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ