17 Hola Jehova a sa ka a nthusa, moya wa ka o ka be o phakisitse ho ya aha nqalong ya kgutso.
17 Hoja Morena a se ke a nthusa, nka be ke se ke robetse lebitleng.
Hase bafu ba ka rokang Jehova, leha e le ba theohelang nqalong e kgutsitseng;
O ratile ho nthapalatsa ka ho ntshusumetsa, empa Jehova e bile thuso ya ka.
Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.
Jehova, Modimo wa ka, tadima, o nkutlwe! O edise mahlo a ka, hore ke tle ke se ke ka robala boroko ba lefu;
Jehova, ke se ke ka swaba, hobane ke bitsa ho wena! Ho ke ho swabe bakgopo, ba be ba kgutse nqalong ya bafu.
Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna.